Friday, October 25, 2013

NA EBE KE YA JWANG? by Mookgo Judina (Good friend of mine - in Sesotho. One of the official languages of South Afica)


Na ebe nna ke ya jwang? Athe lethabo le tla neng le hona jwang? Ke hlile ke ke ke tibisi maikutlo haholo,ke itlhatlhoba le hona ho ipotsa dipotso ka nako tsohle. Kgathallo yaka ho bao ke baratang e feta kgathallo e tlamang pelo e baratang. Ke leka ho feta tekanyo ke leka ho feta tekanyo hobane ha ke tsebe se neng se tlame pelo ho rata ke se fe. Ha ele mona bokgopo ba lerato bo tabola ho feta bohale ba thipa,bo hulanya esita le ho thulanya pelo majweng. Helek! Ka tla ka sotleha kgutsana, lerato le thata le feta le lesika,le hlotse ngaka tse thata bo nkgono maNtsopa. Le jwale mosamo o motswalle wa popota,ya hao pelo e tibile ho feta kwetsa,makunutu aka le dillo tsa ka tsa bosiu,di bolokehile ho wena.le jwale wa tshepahala,etswe meokgo yaka eo kolobisa ho feta medupi. Le jwale Ramasedi ke yao leboha, hoba o modimo wa dipelo,o utlwa seka pelong yaka ntle le polelo hoba molomo o sitwa ho bolela. Dingata tseo ke ratang ho dibolela, empa,ho dibolela etlabe eka tletlebo. Mosotho 2:22 o ntha are ''ngwana ya salleng o shwela tharing''how unfortunate hoba yaka thari e puta sebodu,e nyeonya ho feta boko tsa ntja e shweleng. NA NE KE ITHUTELANG HO RATA MOTHO?

(If you want the full translation in English... The author is willing to do so. Just leave in a comment, will ensure its done in due time)

No comments:

Post a Comment